-
Nehemia 6:10-12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Eaba ke ea ntlong ea Shemaia mora oa Delaia mora oa Mehetabele ha a ntse a koaletsoe moo. O ile a re: “A re behe nako ea ho kopana ntlong ea Molimo oa ’nete, ka har’a tempele ’me re koale mamati a tempele etsoe ba tl’o u bolaea. Ba tl’o u bolaea bosiu.” 11 Empa ka re: “Na motho ea joaloka ’na o lokela ho baleha? Na motho ea joaloka ’na a ka kena ka tempeleng eaba oa phela?+ Nke ke ka kena!” 12 Eaba kea hlokomela hore moprofeta enoa o ne a sa rongoa ke Molimo empa Tobia le Sanbalate+ ba ne ba mo hirile hore a tl’o nthetsa.
-