Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esthere 3:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Baromuoa ba romela mangolo liprofinseng tsohle tsa morena, a laelang hore ka letsatsi le le leng la bo13, khoeling ea bo12 e leng ka khoeli ea Adare,+ ho bolaoe, ho felisoe ho be ho ripitloe Bajuda bohle ba banyenyane le ba baholo, bana le basali le hore thepa ea bona e hapuoe.+

  • Esthere 9:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ka letsatsi la bo13 la khoeli ea bo12 e leng khoeli ea Adare,*+ taelo ea morena le molao oa hae li ne li lokela ho phethoa.+ Lira tsa Bajuda li ne li tšepile hore li tla ba hlola empa ha etsahala ntho e fapaneng. Bajuda ea e-ba bona ba hlolang lira tsa bona.+ 2 Bajuda ba phutheha metseng ea bona liprofinseng tsohle tse busoang ke Morena Asueruse+ bakeng sa ho bolaea ba batlang ho ba hlasela ’me ha ho motho ea ileng a ba futuhela hobane lichaba tsohle li ne li ba tšaba.+

  • Esthere 9:16, 17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Bajuda ba bang kaofela ba liprofinseng tse busoang ke morena ba phutheha ’me ba itoanela.+ Ba ile ba bolaea lira tsa bona+ tse 75 000 empa ha baa ka ba hapa thepa ea tsona. 17 E ne e le letsatsi la bo13 la khoeli ea Adare. Eaba ba phomola letsatsing la bo14 ’me ba le etsa letsatsi la ho keteka le la ho thaba.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela