13 Mosali ea se nang kelello o lerata.+
Ke sethoto ebile ha a tsebe letho ho hang.
14 O lula monyako oa ntlo ea hae,
Holim’a setulo sebakeng se phahameng sa motse,+
15 O hoeletsa ba fetang ka tsela,
O re ho ba iphethelang mabaka a bona:
16 “Mang kapa mang ea se nang tsebo a ke a fapohele mona.”
O re ho ba se nang kelello:+
17 “Metsi a utsoitsoeng a monate
Le lijo tse jelloang sephiring li monate.”+
18 Empa ba se nang kelello ha ba tsebe hore ntlo ea hae e tletse bafu,
Hore baeti ba hae ba theohetse Lebitleng.+