Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jobo 38:8-11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 Ke mang ea ileng a koalla leoatle+

      Ha le phatloha mehloling* ea lona,

       9 Ha ke le koahela* ka maru

      Le ka lefifi le letšo,

      10 Ha ke le behela meeli ea hore na le felle hokae

      Ebile ke le koalla ka menyako+

      11 Eaba ke re ho lona, ‘U ka fella mona empa u se ke oa fetela pele

      Ebile ke hona mona moo maqhubu a hao a phahameng* a tla fella teng’?+

  • Pesaleme 33:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 O bokella metsi a leoatle joaloka letamo.+

      O beha metsi a loebehlanang litorong.*

  • Pesaleme 104:6-9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 O le koahetse ka metsi a tebileng joalokaha eka ke ka seaparo.+

      Metsi ao a ile a koahela lithaba.

       7 A ile a baleha ha u a khalemela.+

      A baleha a tšohile ha a utloa molumo oa sealuma sa hao,

       8 A ea sebakeng sa ’ona seo u se lokisitseng.

      Lithaba tsa nyoloha+ ’me likhohlo tsa theoha.

       9 U ile oa behela metsi ao moeli hore a se ke a o tlola+

      Hore a se ke a hlola a koahela lefatše.

  • Jeremia 5:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 ‘Na ha le ntšabe?’ ke Jehova ea chong,

      ‘Na ha lea lokela ho nthothomella?

      Ke ’na ea behileng lehlabathe e le moeli oa leoatle,

      E le molao oa tsamaiso o sa tloheng oo leoatle le ke keng la o tlola.

      Le hoja maqhubu a lona a akhotseha, a ke ke a o tlola.

      Le hoja a loebehlana, a ntse a ke ke a feta moeli oa leoatle.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela