-
2 Samuele 15:32-34Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
32 Ha Davida a fihla ka holim’a thaba moo batho ba neng ba tloaetse ho inamela Molimo teng, Hushai+ oa Moareke+ o ne a le moo ho tla kopana le eena, a tabotse seaparo sa hae ’me a le mobu hloohong. 33 Leha ho le joalo, Davida a re ho eena: “Haeba u ka tšela le ’na, u tla ba moroalo ho ’na. 34 Empa haeba u khutlela motseng ’me u re ho Absalome, ‘Ke mohlanka oa hao morena. Ke ne ke le mohlanka oa ntate oa hao nakong e fetileng empa hona joale ke mohlanka oa hao.’+ Ha u etsa joalo u tla khona ho nthusa ho senya leano la Akitofele.+
-