-
Daniele 5:23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Ho e-na le hoo, u ile oa iphahamisetsa Morena oa maholimo,+ oa re ba u tlisetse lijana tsa ntlo ea hae.+ Uena le bahlomphehi ba hao, lirethe tsa hao le basali ba hao ba banyenyane, la noa veine ka tsona ’me la rorisa melimo e entsoeng ka silevera, khauta, koporo, tšepe, patsi le lejoe e leng melimo e sa boneng letho, e sa utloeng letho le e sa tsebeng letho.+ Empa ha oa ka oa tlotlisa Molimo eo bophelo ba hao bo leng letsohong la hae.+
-
-
Liketso 12:21-23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Ka letsatsi le leng le khethehileng, Heroda a apara liaparo tsa hae tsa borena eaba o lula setulong sa kahlolo o bua le sechaba. 22 Eaba sechaba se bokaneng sea hoeletsa se re: “Ke lentsoe la molimo eseng la motho!” 23 Hang-hang lengeloi la Jehova* la mo otla hobane ha aa ka a tlotlisa Molimo. A jeoa ke liboko eaba oa shoa.
-