-
Moeklesia 9:14, 15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Ho ne ho e-na le motse o monyenyane o nang le banna ba seng bakae. Morena ea matla o ile a o futuhela ’me a o lika-liketsa le ho haha marako a maholo ho o pota-pota. 15 Ho oona ho ne ho e-na le monna ea futsanehileng empa a le bohlale. O ile a pholosa motse ka bohlale ba hae empa ha ho motho ea ileng a mo hopola.+
-
-
Jakobo 2:2, 3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Ha motho ea roetseng lireng tsa khauta, ea apereng liaparo tse ntle haholo a tla sebakeng seo le kopanetseng ho sona ebe hape ho tla mofutsana ea apereng liaparo tse litšila, 3 na le tla re ho ea apereng liaparo tse ntle, “Lula mona setulong se setle,” ebe le re ho ea futsanehileng, “Uena u ’ne u eme joalo” kapa “Lula fatše pel’a maoto a ka”?+
-