Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 15:22, 23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Eaba Samuele o re: “Na Jehova o thabisoa ke linyehelo tsa secheso le mahlabelo+ ho feta hore Jehova a mameloe? Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo+ ’me ho utloa ho molemo ho feta mafura+ a liramo.* 23 Borabele+ bo tšoana le sebe sa bonohe+ ’me boikhohomoso bo tšoana le boloi le ho rapela litšoantšo.* Kaha ha oa mamela Jehova,+ le eena oa u lahla hore u se ke oa ba morena.”+

  • Hosea 6:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Ke thabisoa ke lerato* eseng sehlabelo.

      Ke thabisoa ke ha batho ba tseba Molimo ho e-na le linyehelo tse feletseng tsa secheso.+

  • Mikea 6:7, 8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Na Jehova o tla khahlisoa ke liramo tse likete?

      Na o tla khahlisoa ke oli e ngata haholo?+

      Na ke tla fana ka mora oa ka oa letsibolo ka lebaka la borabele ba ka,

      Ke fane ka ngoana oa ka ka lebaka la sebe sa ka?+

       8 Uena motho, Molimo o u boleletse se molemo.

      Jehova o lebeletse eng ho uena?

      O lebeletse hore u etse lintho ka toka,+ u rate ho tšepahala*+

      Le hore u tsamaee le Molimo oa hao u ikokobelitse.+

  • Matheu 12:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Joale hoja le ne le utloisisa hore na ho boleloa’ng ha ho thoe: ‘Ke batla mohau+ eseng sehlabelo,’+ le ka be le sa ahlola ba se nang molato.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela