Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 25:6-8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Ha Moshe le Baiseraele bohle ba ntse ba lla monyako oa tente ea pokano, Moiseraele e mong a tla le mosali oa Momidiane+ litenteng batho bohle ba ntse ba mo shebile. 7 Ha Finease+ mora oa Eleazare mora oa moprista Arone a bona seo, hang-hang a tloha har’a sechaba eaba o nka lerumo. 8 A sala monna eo oa Moiseraele morao ho ea tenteng eaba o ba hlaba ka bobeli, monna oa Moiseraele le mosali eo ho phunyelletsa lithong tsa hae tsa botšehali. Kahoo, boloetse bo bolaeang ba fela ho Baiseraele.+

  • 1 Samuele 15:22, 23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Eaba Samuele o re: “Na Jehova o thabisoa ke linyehelo tsa secheso le mahlabelo+ ho feta hore Jehova a mameloe? Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo+ ’me ho utloa ho molemo ho feta mafura+ a liramo.* 23 Borabele+ bo tšoana le sebe sa bonohe+ ’me boikhohomoso bo tšoana le boloi le ho rapela litšoantšo.* Kaha ha oa mamela Jehova,+ le eena oa u lahla hore u se ke oa ba morena.”+

  • Baefese 5:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Le tlohele ho etsa lintho tse se nang thuso tsa lefifi.+ Ho e-na le hoo, le li senole.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela