Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 5:20-22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Gehazi+ mohlanka oa Elisha mohlanka oa Molimo oa ’nete+ a bua a le mong a re: ‘Moren’a ka o tlohetse Naamane oa Mosiria+ hore a tsamaee ’me ha a amohela mpho eo a neng a mo tliselitse eona. Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang hore ke tla matha ka mor’a hae ’me ke nke lintho tse ling ho eena.’ 21 Gehazi a lelekisa Naamane. Ha Naamane a bona hore ho na le motho ea tlang ka mor’a hae, a theoha kariki ea hae ’me a re ho eena: “Ke’ng, ho etsahala’ng?” 22 Gehazi a re: “Ha ho na letho. Mong’a ka o re ho na le bara ba baprofeta ba babeli ba qetang ho fihla ba tsoang lithabeng tsa Efraime. O kopa hore u ba fe silevera ea boima bo ka etsang lik’hilokramo tse 34* le liaparo tse peli.”+

  • Jeremia 17:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Motho ea fumanang maruo ka bolotsana*

      O joaloka khoale e fuoamang mahe ao e sa a behelang.+

      Ka mor’a nako maruo ao a tla mo siea,

      Qetellong ho tla hlaka hore ha a na kelello.”

  • 1 Timothea 6:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Empa batho ba ikemiselitseng ho rua bona ba oela molekong le lerabeng+ hape ba inehella litakatso tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi. Qetellong ba kena mathateng ebile baa shoa.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela