Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 1:16, 17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ka nako eo, ka laela baahloli ba lona ka re, ‘Ha le mamela taba eo batho ba e tlisang ebang ke pakeng tsa Baiseraele ba babeli kapa pakeng tsa Moiseraele le molichaba+ ea lulang le lona, le ahlole ka toka.+ 17 Le se ke la ba leeme* ha le ahlola.+ Le mamele motho ea maemong a tlase joalokaha le mamela ea maemong a holimo.+ Ho se ke ha e-ba le motho ea le tšosang+ kaha kahlolo ke ea Molimo.+ Haeba nyeoe e le boima haholo le e tlise ho ’na ’me ke tla e mamela.’+

  • 2 Samuele 8:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Davida a ’na a busa Iseraele eohle,+ a ahlola sechaba sohle+ ka toka le ka ho loka.+

  • Pesaleme 72:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 72 Molimo, u fe morena likahlolo tsa hao,

      U rute mora oa morena liketso tsa ho loka.+

       2 E se eka a ka buella nyeoe ea batho ba hao ka ho loka

      Le ea batho ba hao ba maemong a tlase ka toka.+

  • Esaia 11:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 O tla ahlola bafutsana ka toka,*

      A khalemele ka ho loka molemong oa ba bonolo ba lefatše.

      O tla otla lefatše ka mantsoe a hae,*+

      A bolaee ea khopo ka se tsoang molomong oa hae.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela