Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 18:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ha Morena Ezekiase a e-na le lilemo tse 14 a busa, Sankeribe morena oa Asiria+ a hlasela metse eohle ea Juda e sirelelitsoeng ka thata ’me a e hapa.+ 14 Morena Ezekiase oa Juda a romela molaetsa ho morena oa Asiria ea neng a le Lakishe a re: “Ke molato. Ke kopa u se ke oa ntlhasela ’me ke tla u fa ntho leha e le efe eo u tla mpatla eona.” Morena oa Asiria a re Morena Ezekiase oa Juda a mo fe silevera ea boima ba lik’hilokramo tse 10 260* le khauta e ka etsang boima ba lik’hilokramo tse 1 000.*

  • Esaia 8:7, 8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Jehova o tla tlisa

      Metsi a matla le a mangata a Noka* holim’a bona

      E leng morena oa Asiria+ le matla ’ohle a hae.

      O tla tlala likotopo tsohle tsa hae,

      A koahele mabopo ’ohle a hae

       8 A fetele pele Juda.

      O tla phalla, a fete a be a fihle molaleng.+

      Mapheo a hae a phukalalitsoeng a tla koahela naha ea hao ka bophara,

      Uena Emanuele.”*+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela