26 Ha ke senya sebaka* seo le bolokang bohobe*+ ho sona, basali ba leshome ba tla baka bohobe ba lona ka ontong e le ’ngoe. Ba tla bekha bohobe ba lona ebe ba le fa bo bonyenyane.+ Le tla ja empa le ke ke la khora.+
49 Jehova o tla romela sechaba se tsoang hole,+ se tsoang qetellong ea lefatše hore se le hlasele, se tla le fofela joaloka ntsu,+ sechaba seo le ke keng la utloisisa puo ea sona,+
51 Se tla ja mehlape ea lona le litholoana tsa naha ea lona ho fihlela le felisitsoe. Se ke ke sa le siela lijo, veine e ncha kapa oli, manamane kapa likonyana ho fihlela se le felisitse.+
21 Morena Tsedekia a fana ka taelo ea hore Jeremia a koalloe ka tlung e ka Lebaleng la Balebeli.+ O ne a fuoa bohobe bo tsoang seterateng sa baapehi letsatsi le leng le le leng,+ ho fihlela bohobe bohle bo fela motseng.+ Jeremia a ’na a lula Lebaleng la Balebeli.
16 A boela a re ho ’na: “Mor’a motho, ke etsa hore ho se ke ha e-ba le lijo* Jerusalema.+ Baahi ba moo ba tla ja bohobe bo lekantsoeng ba tšoenyehile+ le metsi ba tla noa a lekantsoeng ba tšohile haholo.+