Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 40:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 O khetha sefate e le nyehelo ea hae,+

      Sefate se ke keng sa bola.

      O batla setsebi se hloahloa sa mosebetsi oa matsoho

      Bakeng sa ho betla setšoantšo se ke keng sa oela.+

  • Esaia 44:14, 15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ho na le eo mosebetsi oa hae e leng ho rema likedare.

      O khetha mofuta o itseng oa sefate, sefate sa ouku,*

      O se tlohela hore se be seholo har’a lifate tsa moru.+

      O lema sefate sa lorele ’me pula e etsa hore se hole.

      15 Ka mor’a moo, se fetoha patsi eo motho a ka besang mollo ka eona.

      E ’ngoe o iphuthumatsa ka eona.

      O besa mollo ebe o pheha bohobe.

      Empa o boetse o etsa molimo ’me oa mo inamela.

      O etsa setšoantšo se betliloeng ka eona ’me oa se khumamela.+

  • Esaia 45:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Bokanang ’me le tle.

      Atamelang ’moho, lona baphonyohi ba tsoang lichabeng.+

      Ba tsamaeang ba nkile litšoantšo tse betliloeng ha ba tsebe letho,

      Ba rapela molimo ea ke keng a ba pholosa.+

  • Habakuke 2:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Seemahale se entsoeng ke motho se na le molemo ofe?

      Motho oa se tšepa le hoja a iketselitse sona.

      Ea se rapelang o lahlehile hobane o nahana hore se tla mo tataisa.

      Empa ha se na thuso ho hang,

      Ha se bue le ho bua.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela