Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 36:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 A etsa hore morena oa Bakalde a ba hlasele+ a be a bolaee bahlankana ba bona ka sabole+ ka sehalalelong.+ Ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa ea kulang.+ Molimo a etsa hore a felise lintho tsohle.+

  • 2 Likronike 36:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 A chesa ntlo ea Molimo oa ’nete,+ a liha lerako la Jerusalema,+ a chesa litora tsohle tsa eona tse sireletsehileng ’me a senya lintho tsohle tsa bohlokoa.+

  • Jeremia 17:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Empa haeba le sa ’mamele ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha le halalela ’me le jara lithoto le ho kena ka tsona likeiting tsa Jerusalema ka letsatsi la Sabatha, ke tla hotetsa likeiti tsa eona ka mollo. Ruri mollo o tla chesa litora tsa Jerusalema tse tiileng+ ’me o ke ke oa tima.’”+

  • Jeremia 34:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 “Jehova Molimo oa Iseraele o re: ‘Tsamaea u e’o bua le Morena Tsedekia+ oa Juda, u re ho eena: “Jehova o re: ‘Ke nehelana ka motse ona letsohong la morena oa Babilona ’me o tla o chesa ka mollo.+

  • Jeremia 37:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Leha le ne le ka la bolaea masole ’ohle a Bakalde a le loantšang eaba ho sala feela banna ba tsoileng likotsi, ba ne ba tla ’ne ba raohe ba tsoa litenteng tsa bona ’me ba chese motse ona.”’”+

  • Jeremia 39:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Eaba Bakalde ba chesa ntlo ea morena* le matlo a batho+ ’me ba heletsa marako a Jerusalema.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela