Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 11:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Letsatsing leo, Jehova o tla ithaopela ho bontša matla a hae ka lekhetlo la bobeli, bakeng sa ho lata batho ba hae ba setseng Asiria,+ Egepeta,+ Pathrose,+ Kushe,+ Elame,+ Shinare,* Hamathe le lihlekehlekeng tsa leoatle.+

  • Esaia 35:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Ba lopolotsoeng ke Jehova ba tla khutla+ ’me ba tle Sione ka mohoo oa thabo.+

      Ba tla roala korone ea thabo ho ea ho ile.+

      Ba tla fumana thabo e khaphatsehang le nyakallo,

      Mesarelo le masisa-pelo e tla ba pale ea maobane.+

  • Jeremia 29:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ke tla etsa hore le mphumane,’+ ke Jehova ea chong. ‘Ke tla bokella batho ba lona ba hapuoeng ’me ke le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle le libakeng tsohle tseo ke le hasantseng ho tsona,’+ ke Jehova ea chong. ‘Ke tla le lata sebakeng seo ke le isitseng ho sona ha le ne le haptjoa.’+

  • Jeremia 31:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 Ke tla ba lata ho tsoa naheng ea leboea.+

      Ke tla ba bokella ho tsoa libakeng tse hole-hole tsa lefatše.+

      Har’a bona ho tla ba le lifofu le ba holofetseng,+

      Mosali oa moimana le ea pepang, kaofela ha bona.

      Ba tla khutlela mona e le phutheho e kholo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela