Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 33:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Manase+ o ne a le lilemo li 12 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 55.+

  • 2 Likronike 33:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 A hahela makhotla ’ohle a leholimo lialetare ka har’a mabala a mabeli a ntlo ea Jehova.+

  • 2 Likronike 36:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Sechaba le balaoli bohle ba baprista ba ne ba sa tšepahale, ba etsa lintho tsohle tse nyonyehang tse neng li etsoa ke lichaba tse ling. Ba silafatsa ntlo ea Jehova+ eo a neng a e hloekisitse Jerusalema.

  • Jeremia 7:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Na le bona ntlo ee e bitsoang ka lebitso la ka e le lehaha la masholu?+ Ke bone hore na le ntse le etsa’ng,” ke Jehova ea chong.

  • Ezekiele 8:10, 11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Kahoo, ka kena eaba kea sheba, ka bona mefuta eohle ea litšoantšo tsa liphoofolo tse hahabang, libata tse nyonyehang+ le litšoantšo tsohle tse rapeloang tse nyonyehang* tsa Baiseraele.+ Li ne li betliloe leboteng ho le pota-pota ka hohle. 11 Baholo ba 70 ba Iseraele ba ne ba eme ka pel’a tsona ’me Jazania mora oa Shafane+ a eme har’a bona. E mong le e mong oa bona a tšoere pitsa eo ho chesetsoang libano ho eona ’me mosi o nkhang hamonate oa libano o ne o nyoloha.+

  • Ezekiele 23:39
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 39 Ka mor’a hore ba bolaee bana ba bona e le hore ba etsetse melimo ea bona mahlabelo,+ letsatsing lona leo, ba ile ba ea sehalalelong sa ka ’me ba se silafatsa.+ Ba ne ba etsa lintho tseo ka har’a tempele ea ka.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela