Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 24:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 A isa Jojakine+ botlamuoeng Babilona.+ A boela a tlosa ’mè oa morena, basali ba morena, balaoli ba lekhotla le banna ba hlomphehang naheng ba neng ba le Jerusalema eaba o ba isa botlamuoeng Babilona. 16 Morena oa Babilona a isa masole a 7 000 botlamuoeng Babilona, banna ba etsang mesebetsi ea matsoho ba 1 000 le ba sebetsang ka tšepe e leng banna bohle ba matla le ba koetliselitsoeng ho loana.

  • Jeremia 29:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Ana ke mantsoe a hlahang lengolong leo moprofeta Jeremia a ileng a le romela a le Jerusalema. O ile a le romela banna ba baholo ba har’a batho ba hapuoeng, baprista, baprofeta le batho bohle bao Nebukadnezare a neng a ba hapile a ba tlositse Jerusalema ho ba isa Babilona. 2 Ka nako eo, Morena Jekonia,+ ’mè oa morena,*+ balaoli ba lekhotla, likhosana tsa Juda le Jerusalema, litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le batho ba sebetsang ka tšepe* ba ne ba se ba tsoile Jerusalema.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela