Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 51:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Babilona e ’nile ea e-ba kopi ea khauta letsohong la Jehova,

      O tahile lefatše lohle.

      Lichaba li tahiloe ke veine ea hae.+

      Ke ka lebaka leo li hlanyang.+

  • Lillo Tsa Jeremia 4:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Thaba ’me u nyakalle, Uena morali oa Edomo,+ ea lulang naheng ea Utse.

      Kopi e tla fetisoa le ho uena+ ’me u tla tahoa u hlahe u sa apara letho.+

  • Ezekiele 23:32-34
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:

      ‘U tla noa ka kopi e kholo le e sephara ea ausi oa hao.+

      Batho ba tla u tšeha ba be ba u some, e leng tsona lintho tse tletseng ka koping ea hao.+

      33 U tla noa se ka koping ea ausi oa hao Samaria u be u se qete,

      U tla tahoa u be u utloe bohloko haholo.

      Batho ba tla u makalla ’me u tla lula u saretsoe.

      34 U tla noa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka har’a kopi eo e entsoeng ka letsopa ho fihlela e se na letho,+

      Kopi eo e tla pshatleha ’me u tla ja maqhetsoana a eona u be u ikhaole matsoele.

      “Ke ’na ea buileng,” ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.’

  • Nahume 3:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 E mong le e mong ea u bonang o tla baleha+ a re:

      ‘Ninive o tlatlapuoe.

      Ke mang ea tla mo utloela bohloko?’

      Ke mang ea tla u tšelisa?

  • Nahume 3:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Le uena u tla tahoa,+

      U batle moo u ka ipatang teng.

      U tla batla setšabelo e le hore u ipatele sera.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela