Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 14:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Jehova a re ho ’na: “Baprofeta bao ba profeta mashano ka lebitso la ka.+ Ha kea ka ka ba roma, ka ba laela kapa ka bua le bona.+ Ba le bolella pono ea bohata, bonohe bo se nang thuso le mashano ao ba iqapetseng ’ona.*+

  • Jeremia 28:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Moprofeta Jeremia a re ho moprofeta Hanania:+ “Ke kopa u mamele uena Hanania! Jehova ha aa u roma empa u entse hore sechaba sena se lumele leshano.+ 16 Ka hona, Jehova o re: ‘Bona, ke tla u felisa lefatšeng. U tla shoa selemong sena hobane u khothalelitse batho hore ba fetohele Jehova.’”+

  • Ezekiele 13:8, 9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Kaha le buile leshano ebile lipono tsa lona ke tsa leshano, ke tla le fa kotlo,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”+ 9 ‘Ke tla ahlola baprofeta ba buang leshano le ba bonang lipono tsa leshano.+ Ba ke ke ba e-ba har’a metsoalle e haufi, mabitso a bona a ke ke a ngolisoa har’a Baiseraele ebile ba ke ke ba khutlela naheng ea Iseraele. Le tla tseba hore ke ’na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela