15 Empa haeba le sa mamele lentsoe la Jehova Molimo oa lona ka hore le phethe litaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, likotlo tsena tsohle li tla le tlela ’me lintho tsena tsohle tse mpe li tla le hlahela:+
29 Le tla phopholetsa har’a motšehare feela joalokaha motho ea foufetseng a phopholetsa lefifing+ ’me le ke ke la atleha nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang. Le tla lula le etsetsoa bolotsana ebile le nkeloa lintho, ho se ea le pholosang.+