66 Bophelo ba lona bo tla ba kotsing ’me le tla lula le tšohile bosiu le motšehare. Le ke ke la tseba hore na le tla pholoha kapa che. 67 Hoseng le tla re, ‘Hoja ebe ke mantsiboea!’ ’me mantsiboea le tla re, ‘Hoja ebe ke hoseng!’ ka lebaka la ho tšoha le ka lebaka la seo mahlo a lona a tla se bona.