Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Ke tla felisa metse ea lona+ le lihalalelo tsa lona ’me nke ke ka fofonela monko o monate* oa mahlabelo a lona.

  • Jeremia 26:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 ke tla etsa hore ntlo ena e be joaloka Shilo,+ ke felise motse ona ’me lichaba tsohle tsa lefatše li tla etsa mohlala ka oona ha li bua ka metse e rohakiloeng.’”’”+

  • Jeremia 52:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ka letsatsi la leshome khoeling ea bohlano, e leng ha Morena Nebukadnezare* oa Babilona e-na le lilemo tse 19 a busa, Nebuzaradane mookameli oa balebeli ebile e le mohlokomeli oa morena oa Babilona, a tla Jerusalema.+ 13 A chesa ntlo ea Jehova,+ ntlo ea morena* le matlo ’ohle a Jerusalema. A boela a chesa matlo ’ohle a maholo.

  • Ezekiele 24:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 “Bolella Baiseraele hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke haufi le ho silafatsa sehalalelo sa ka,+ seo le ikotlang sefuba ka sona le seo le se ratang ka lipelo tsohle tsa lona. Bana ba lona bao le ba siileng ba tla bolaoa ka sabole.+

  • Mikea 3:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ka lebaka la hao,

      Sione e tla lengoa joaloka tšimo,

      Jerusalema e fetohe qubu ea majoe+

      ’Me thaba ea tempele* e tla tšoana le leralla le nang le lifate.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela