Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 19:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Esaia mora oa Amoze a romella Ezekiase molaetsa o reng: “Jehova Molimo oa Iseraele o re o utloile thapelo eo u e entseng+ ka lebaka la Morena Sankeribe oa Asiria.+

  • 2 Marena 19:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Ke utloile kamoo u nkoatetseng le ho nkhalefela kateng.+

      Kahoo, ke tla kenya hakisi ea ka ka nkong ea hao le tomo ea ka+ pakeng tsa molomo oa hao.

      Ke tla u khutlisa ka tsela eo u tlileng ka eona.’+

  • Ezekiele 29:3, 4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 U ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:

      ‘Ke tla u loantša uena Faro morena oa Egepeta,+

      Uena phoofolo e kholohali ea leoatle e lulang linokaneng* tsa Nile,*+

      Uena ea itseng, ‘Noka ea Nile ke ea ka.

      Ke iketselitse eona.’+

       4 Ke tla kenya lihakisi mehlahareng ea hao ke be ke etse hore litlhapi tsa noka ea hao ea Nile li itšoarelle makhakhapheng a letlalo la hao.

      Ke tla u ntša ka har’a Noka ea Nile hammoho le litlhapi tsohle tsa eona tse itšoarelletseng ho uena.

  • Ezekiele 39:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Ke tla u khutlisa, ke u tlose libakeng tse hole tsa leboea+ ’me ke u ise lithabeng tsa Iseraele.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela