Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 23:5, 6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Jehova o re: “Ho na le mohla ke tla hlahisetsa Davida mojalefa* ea lokileng.+ E tla ba morena+ ’me a sebetse ka bohlale, a phethise toka le ho loka lefatšeng.*+ 6 Mehleng ea hae, Juda e tla bolokoa+ le Iseraele e tla lula e sireletsehile.+ O tla bitsoa ‘Jehova ke ho Loka ha Rona.’”+

  • Ezekiele 28:25, 26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla halaletsoa har’a Baiseraele ka pel’a lichaba+ ha ke ba bokella hape ho tsoa lichabeng tseo ba neng ba hasantsoe ho tsona.+ Ba tla lula naheng ea bona+ eo ke e fileng mohlanka oa ka Jakobo.+ 26 Ba tla lula ba sireletsehile ho eona,+ ba hahe matlo ba be ba leme lirapa tsa morara.+ Ba tla phela ka khotso ha ke ahlola lichaba tse ba potolohileng tse ba somang.+ Ba tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona.”’”

  • Ezekiele 34:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Ke tla etsa selekane sa khotso le tsona.+ Ke tla tlosa liphoofolo tse kotsi tse hlaha+ e le hore li lule li sireletsehile naheng li be li robale merung.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela