9 Ha Bakanana le baahi bohle ba naha ena ba utloela ka taba ena ba tla re pota-pota ’me ba felise lebitso la rona lefatšeng. Joale u tla etsa’ng ho sireletsa lebitso la hao le leholo?”+
22 Bolella Baiseraele hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Lona Baiseraele, ha ke etse lintho tsena ka lebaka la lona empa ka lebaka la lebitso la ka le halalelang leo le le silafalitseng har’a lichaba tseo le neng le le ho tsona.’+