-
Ezekiele 13:9, 10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 ‘Ke tla ahlola baprofeta ba buang leshano le ba bonang lipono tsa leshano.+ Ba ke ke ba e-ba har’a metsoalle e haufi, mabitso a bona a ke ke a ngolisoa har’a Baiseraele ebile ba ke ke ba khutlela naheng ea Iseraele. Le tla tseba hore ke ’na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle.+ 10 Lintho tsena tsohle li tla etsahala hobane ba khelositse batho ba ka ba re, “Ho na le khotso” empa ho se na khotso.+ Ha ho hahoa lebota le arolang, ba le penta ka pente e tšoeu.’*+
-