Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 17:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Kahoo, ba se ke ba hlola ba etsa mahlabelo bakeng sa bademona ba kang lipoli,*+ bao ba etsang botekatse* le bona ka ho ba rapela.+ Ena ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa lona le melokong eohle ea lona.”’

  • Deuteronoma 29:16, 17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 (Kaha le tseba hantle kamoo re neng re phela kateng naheng ea Egepeta le kamoo re ileng ra feta har’a lichaba tse ngata kateng ha re ne re le tseleng.+ 17 Le ne le tloaetse ho bona lintho tsa tsona tse nyonyehang e leng litšoantšo tsa tsona tse rapeloang tse nyonyehang*+ tse entsoeng ka patsi le lejoe, silevera le khauta, tseo li neng li le har’a tsona.)

  • Joshua 24:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Kahoo, tšabang Jehova le mo sebeletse ka botšepehi* le ka ’nete+ ’me le tlose melimo eo baholo-holo ba lona ba neng ba e sebeletsa Egepeta le ka lehlakoreng le leng la Noka*+ ’me le sebeletse Jehova.

  • Ezekiele 20:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Empa ba ile ba mphetohela eaba ha ba ’mamele. Ha baa ka ba lahla lintho tse nyonyehang tseo ba neng ba e-na le tsona le ho khaotsa ho rapela litšoantšo tse nyonyehang tsa Egepeta.+ Ke ile ka ba bolella hore ke tla ba halefela ’me ke ntšetse bohale ba ka bohle ho bona ha ba le naheng ea Egepeta.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela