Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 3:18-23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Ka letsatsi leo, Jehova o tla tlosa mekhabiso ea bona ea matsohong,

      E roaloang hloohong le e bopehileng joaloka khoeli,+

      19 Masale, lifaha tsa matsohong le masira,

      20 Lintho tse roaloang hloohong, lifaha tsa maotong le mabanta a ho ikhabisa*

      Le libotlolo tse tšelang lioli tse nkhang hamonate le liroala,*

      21 Masale a monoana le masale a nko,

      22 Liaparo tse telele tse hlomphehang, liaparo tse kang mese, liaparo tsa ka holimo le lipache,

      23 Liipone tsa letsoho+ le liaparo tsa line,*

      Lituku le masira.

  • Jeremia 4:30
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Kaha joale u tlatlapuoe, u tla etsa’ng?

      U ne u tloaetse ho apara liaparo tse khubelu,

      U ikhabisa ka mekhabiso ea khauta,

      U tlotsa mahlo a hao ka setlolo se setšo hore a bonahale a le maholo.

      Empa u ikentse botle mahala+

      Kaha ba u batlang ba u lahlile.

      Hona joale ba batla ho u bolaea.+

  • Ezekiele 16:39
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 39 Ke tla nehelana ka uena ho bona ’me ba tla liha libaka tsa hao tse phahameng.+ Ba tla u hlobolisa liaparo tsa hao,+ ba nke mabenyane* a hao a matle+ ba be ba u siee u hlobotse.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela