-
Esaia 6:2Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Lirafime li ne li eme ka holim’a hae. Serafime ka seng se ne se e-na le mapheo a tšeletseng. Ka a mabeli se ne se ikoahela sefahleho, ka a mabeli se ikoahela maoto ’me ka a mabeli se fofa.
-
-
Ezekiele 10:20, 21Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 Tsena ke libopuoa tseo ke ileng ka li bona tlas’a terone ea Molimo oa Iseraele nokeng ea Kebare.+ Kahoo, ke ile ka hlokomela hore e ne e le likerubime. 21 Ka bone ba tsona li ne li e-na le lifahleho tse ’nè, mapheo a mane ’me ka tlas’a mapheo a tsona ho ne ho e-na le ntho e kang matsoho a motho.+
-