-
Daniele 4:13-16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Ha ke ntse ke shebile lipono tseo ke ileng ka li bona ke le betheng ea ka, ke ile ka bona molebeli, mohalaleli, a theoha leholimong.+ 14 A hoeletsa a re: “Remang sefate seo,+ le pome makala a sona. Hlohlorang makhasi a sona le hasanye litholoana tsa sona. Libata li ke li balehe ka tlas’a sona le linonyana li balehe makaleng a sona. 15 Empa le siee kutu le metso ea sona fatše har’a joang ba naha, e tlanngoe ka lebanta la tšepe le la koporo. E ke e kolobisoe ke phoka e tsoang leholimong ’me e lule le libata har’a limela tsa lefatše.+ 16 Pelo ea eona e fetohe e be joaloka ea sebata, e se ke ea e-ba ea motho ’me ho fete linako tse supileng+ e ntse e le boemong boo.+
-