-
Daniele 4:31-35Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
31 Ha morena a ntse a bua, ha hlaha lentsoe leholimong la re: “Mamela uena Morena Nebukadnezare, ‘U nketsoe ’muso+ 32 ebile oa lelekoa har’a batho. U tla lula le libata tsa naha ebile u tla ja joang joaloka lipoho ’me ho tla feta linako tse supileng u ntse u le boemong boo, ho fihlela u tseba hore Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa batho le hore o o fa motho eo a batlang ho mo fa oona.’”+
33 Ka eona nako eo, mantsoe ao a phethahala ho Nebukadnezare. O ile a lelekoa har’a batho, a ja joang joaloka lipoho ’me a kolobisoa ke phoka e tsoang leholimong, ho fihlela moriri oa hae o e-ba molelele joaloka masiba a ntsu ’me manala a hae a e-ba joaloka linala tsa nonyana.+
34 Ha nako eo e feta,+ ’na Nebukadnezare, ka sheba leholimong eaba kelello ea ka ea khutla. Ka rorisa Ea Phahameng ka ho Fetisisa, ka tlotlisa le ho rorisa Molimo ea phelang ka ho sa feleng hobane puso ea hae ke e ke keng ea fela le ’muso oa hae ke o tla lula o le teng melokong eohle.+ 35 Baahi bohle ba lefatše ha se letho ha ba bapisoa le eena ebile o etsa seo a se ratang ka mangeloi a leholimong le ka batho ba lulang lefatšeng. Ha ho na motho ea ka mo thibang+ kapa ea ka reng ho eena, ‘U entse’ng?’+
-