Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 13:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ke tla etsa hore lefatše le arabelle bobe ba lona+

      Le ba khopo ba arabelle sebe sa bona.

      Ke tla felisa boikakaso ba ba iketelletsang pele,

      Ke kokobetse boikhohomoso ba bahatelli.+

  • Jeremia 25:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Empa ha lilemo tse 70 li fetile,+ ke tla otla morena oa Babilona le sechaba seo* ka lebaka la phoso ea bona+ ’me ke tla etsa hore naha ea Bakalde e se ke ea hlola e e-ba le baahi ka ho sa feleng,’ ke Jehova ea chong.+

  • Jeremia 27:6, 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Ke file mohlanka oa ka Nebukadnezare+ morena oa Babilona linaha tsena tsohle. Le libata tsa naha ke li behile taolong ea hae. 7 Lichaba tsohle li tla mo sebeletsa, li sebeletse mora oa hae le setloholo sa hae ho fihlela ha nako ea naha ea hae e fihla,+ nako eo ka eona lichaba tse ngata le marena a maholo a tla mo etsa lekhoba.+

  • Jeremia 50:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 50 Jehova o ile a roma moprofeta Jeremia hore a bue tjena ka Babilona+ le naha ea Bakalde:

       2 “Hasang molaetsa har’a lichaba ’me le o phatlalatse.

      Phahamisang letšoao* ’me le o phatlalatse.

      Le se ke la pata letho.

      E-reng: ‘Babilona o hapuoe.+

      Molingoana Bele o soabile.+

      Molingoana Merodake o tšohile.

      Litšoantšo tsa hae li soabile.

      Litšoantšo tsa hae tse nyonyehang* li tšohile.’

  • Jeremia 51:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Leotsang marumo.+ Nkang lithebe.*

      Jehova o susumelelitse* marena a Bamede hore a ee ntoeng+

      Hobane o rerile ho ripitla Babilona.

      Jehova oa iphetetsa, o iphetetsa bakeng sa tempele ea hae.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela