-
Jeremia 32:17-19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle! U entse maholimo le lefatše ka matla a hao a maholo+ le ka letsoho la hao le matla. Ha ho letho le ka u hlolang, 18 uena ea hauhelang batho ba likete empa u tlohela bara hore ba khole litholoana tsa liphoso tsa bo-ntate ba bona,+ Molimo oa ’nete, e moholo, ea matla, eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho. 19 Merero ea hao e meholo ’me liketso tsa hao li matla,+ uena eo mahlo a hao a bonang liketso tsohle tsa batho,+ e le hore u fe e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae le ho ea ka mesebetsi ea hae.+
-