Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esdrase 9:6, 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Ka re: “Molimo oa ka, ke ikutloa ke hlajoa ke lihlong ebile ke soabela le ho u rapela hobane liphoso tsa rona li ngata haholo ’me melato ea rona e fihla maholimong.+ 7 Ho tloha matsatsing a baholo-holo ba rona ho fihlela letsatsing lena re entse liphoso tse ngata+ ’me kaha re u foselitse, ho fanoe ka rona le marena a rona le baprista ba rona matsohong a marena a linaha hore ba re bolaee ka sabole,+ ba re ise botlamuoeng,+ ba re utsoetse+ le hore ba re tlotlolle feela joaloka letsatsing lena.+

  • Nehemia 9:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Leha ho le joalo, ha baa ka ba mamela eaba baa u fetohela+ ’me ba furalla Molao* oa hao. Ba bolaea baprofeta ba hao ba neng ba ba lemosa hore ba khutlele ho uena ’me ba etsa lintho tse bontšang hore ho hang ha ba u hlomphe.+

  • Nehemia 9:33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 U bile ea lokileng linthong tsohle tse re etsahaletseng hobane u ile oa tšepahala empa ke rona ba entseng lintho tse mpe.+

  • Pesaleme 106:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Re entse sebe feela joaloka baholo-holo ba rona.+

      Re fositse ebile re entse lintho tse khopo.+

  • Lillo Tsa Jeremia 3:42
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 42 “Re u sitetsoe ’me ha rea u mamela.+ Ha oa re tšoarela.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela