-
Baheberu 9:11, 12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Kreste o tlile e le moprista ea phahameng oa lintho tse ntle tse seng li etsahetse. O kene tenteng e bohlokoa haholo le e molemo ho feta ea pele, e sa etsoang ke batho ebile ha se ea lefatše. 12 O kene sehalalelisisong ka mali a hae eseng a lipoli kapa a lipohoana.+ O kene moo hanngoe ebile e le la ho qetela ’me a re pholosa ka ho sa feleng.+
-
-
Baheberu 10:8-10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Ka mor’a hore a re: “Ha oa ka oa batla kapa oa amohela mahlabelo, linyehelo, linyehelo tsa secheso le linyehelo tsa sebe” e leng mahlabelo a nyeheloang ho ea ka Molao, 9 o ile a re: “Ke tletse ho etsa thato ea hao.”+ O felisa tsa pele e le hore a ka tiisa sa bobeli. 10 Ka “thato” eo ea Molimo,+ re halalelitsoe ka sehlabelo sa ’mele oa Jesu Kreste se nyehetsoeng hanngoe ebile e le la ho qetela.+
-