Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Daniele 10:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Leha ho le joalo, ke tla u bolella lintho tse ngotsoeng bukeng ea ’nete. Ha ho na motho ea ntšehelitseng linthong tsena haese Mikaele,+ khosana ea lona.+

  • Daniele 12:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ka nako eo, Mikaele*+ o tla ema,* khosana e kholo+ e emelang batho ba heno.* Ho tla ba le nako ea mahlomola e e-s’o ka e e-ba teng ho tloha ha ho ne ho e-ba le sechaba ho fihlela ka nako eo. Ka nako eo, batho bohle ba heno ba fumanoang ba ngotsoe bukeng+ ba tla phonyoha.+

  • Juda 9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Empa ha Mikaele+ lengeloi le ka sehloohong+ a ne a pheha khang le Diabolose ka setopo sa Moshe,+ ha aa ka a khetha ho mo ahlola ka mantsoe a nyefolang+ empa o ile a re: “E se eka Jehova* a ka u fa kahlolo e u loketseng.”*+

  • Tšenolo 12:7, 8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ha qhoma ntoa leholimong: Mikaele*+ le mangeloi a hae ba loana le drakone le mangeloi a eona. 8 Drakone le mangeloi a eona ba ile ba hloloa* ebile ha baa ka ba hlola ba lumelloa ho lula leholimong.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela