-
Daniele 2:40-42Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
40 ’Muso oa bone o tla ba matla joaloka tšepe.+ Joalokaha tšepe e thuhakanya le ho sila ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’muso ona o tla thuhakanya o be o felise mebuso ena kaofela.+
41 Joalokaha u bone karolo e ’ngoe ea maoto le menoana e le letsopa la sebopi le kopaneng le tšepe, ’muso oo o tla arohana. Karolo e ’ngoe e tla ba thata joaloka tšepe joalokaha u bone tšepe e kopane le letsopa le bonolo. 42 Joalokaha menoana ea maoto e le ea tšepe e kopaneng le letsopa, ’muso oo o tla ba le likarolo tse matla le tse fokolang.
-