10 Lere la borena le ke ke la tloha ho Juda+ le lere la bolaoli le ke ke la tloha pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo* a tla+ ’me lichaba li tla mo mamela.+
36 Jesu a re:+ “’Muso oa ka ha se oa lefatše lena.+ Hoja e ne e le oa lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne e le hore Bajuda ba se ke ba ntšoara.+ Empa ’Muso oa ka ha se oa lefatše lena.”
15 Lengeloi la bosupa la letsa terompeta ea lona.+ Ha utloahala mantsoe a phahameng leholimong a reng: “’Muso oa lefatše e se e le ’Muso oa Morena oa rona+ le oa Kreste oa hae.+ O tla busa* e le morena ka ho sa feleng.”+
6 Ba tla tsosoa tsohong ea pele baa halalela ebile ba tla thaba.+ Ba ke ke ba shoa+ lefu la bobeli*+ empa e tla ba baprista+ ba Molimo le ba Kreste ’me ba tla busa le eena e le marena ka lilemo tseo tse 1 000.+