Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 15:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Morena Pule+ oa Asiria a tla Iseraele ’me Menaheme a mo fa silevera e boima ba lik’hilokramo tse 34 200* e le ho mo leboha hobane a ile a mo thusa hore ’muso oa hae o be matla.+

  • Ezekiele 23:4, 5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Lebitso la e moholo e ne e le Ohola,* la e monyenyane e le Oholiba.* Ke ile ka nyala basali bao ’me ba ba le bana. Ohola ke Samaria,+ Oholiba ke Jerusalema.

      5 Ohola e ile ea e-ba letekatse+ e ntse e le mosali oa ka. O ne a e-na le takatso e feteletseng ea ho etsa thobalano le baahisani bao a neng a ratana le bona+ e leng Baasiria.+

  • Hosea 5:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ha Efraime a bona boloetse ba hae le Juda a bona seso sa hae,

      Efraime a ea Asiria+ ’me a romela baromuoa ho morena e moholo.

      Empa morena eo ha aa ka a khona ho le folisa

      Kapa ho phekola seso sa lona.

  • Hosea 12:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 “Efraime o tšepile ntho e se nang thuso.*

      O qeta letsatsi lohle a lelekisa moea oa bochabela.

      O rata leshano le ntoa haholo.

      O etsa selekane le Asiria+ ’me o romela oli Egepeta.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela