Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 18:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ha Morena Ezekiase a e-na le lilemo tse 14 a busa, Sankeribe morena oa Asiria+ a hlasela metse eohle ea Juda e sirelelitsoeng ka thata ’me a e hapa.+

  • 2 Likronike 36:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 A etsa hore morena oa Bakalde a ba hlasele+ a be a bolaee bahlankana ba bona ka sabole+ ka sehalalelong.+ Ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa ea kulang.+ Molimo a etsa hore a felise lintho tsohle.+

  • 2 Likronike 36:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 A chesa ntlo ea Molimo oa ’nete,+ a liha lerako la Jerusalema,+ a chesa litora tsohle tsa eona tse sireletsehileng ’me a senya lintho tsohle tsa bohlokoa.+

  • Jeremia 17:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Empa haeba le sa ’mamele ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha le halalela ’me le jara lithoto le ho kena ka tsona likeiting tsa Jerusalema ka letsatsi la Sabatha, ke tla hotetsa likeiti tsa eona ka mollo. Ruri mollo o tla chesa litora tsa Jerusalema tse tiileng+ ’me o ke ke oa tima.’”+

  • Jeremia 34:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 E ne e le ha masole a morena oa Babilona a ne a loantša Jerusalema le metse eohle ea Juda e setseng,+ a loantša Lakishe+ le Azeka.+ E ne e le eona feela metse ea Juda e neng e sirelelitsoe ka thata e sa kang ea haptjoa.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela