-
Baahloli 20:4-6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 Joale monna oa Molevi+ e leng monna oa mosali ea bolailoeng a araba a re: “Ke ile ka fihla Gibea+ ea Benjamine le mosali* oa ka e le hore re robaletse teng. 5 Banna* ba Gibea ba ne ba ntlhasela ’me ba pota-potile ntlo bosiu. Ba ne ba batla ho mpolaea empa ba ile ba beta mosali* oa ka ’me a shoa.+ 6 Kahoo, ka nka setopo sa mosali* oa ka ka se khaola likotoana eaba ke li isa motseng o mong le o mong oa Iseraele+ hobane ba ne ba entse ketso e soabisang le e hlabisang lihlong Iseraele.
-