Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 11:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Letsatsing leo, Jehova o tla ithaopela ho bontša matla a hae ka lekhetlo la bobeli, bakeng sa ho lata batho ba hae ba setseng Asiria,+ Egepeta,+ Pathrose,+ Kushe,+ Elame,+ Shinare,* Hamathe le lihlekehlekeng tsa leoatle.+ 12 O tla phahamisetsa lichaba letšoao* ’me a bokelle ba qhalakantsoeng ba Iseraele.+ Ba hasantsoeng ba Juda o tla ba bokella ho tsoa likhutlong tse ’nè tsa lefatše.+

  • Esaia 60:8, 9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 Ke bo-mang baa ba tlang ba fofa joaloka maru,

      Joaloka maeba a eang lirobeng* tsa ’ona?

       9 Baahi ba lihlekehleke ba tla ntšepa+

      Le likepe tsa Tarshishe li ka pele*

      Hore li tlise bana ba hao ba tsoang hole+

      Hammoho le silevera le khauta ea bona

      E le hore ba rorise lebitso la Jehova Molimo oa hao, Mohalaleli oa Iseraele

      Hobane o tla u tlotlisa.*+

  • Zakaria 10:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Ke tla ba khutlisa naheng ea Egepeta

      Ebile ke tla ba phutha ho tsoa Asiria,+

      Ke ba tlise naheng ea Gileade+ le ea Lebanone.

      Sebaka seo le sona se ke ke sa ba lekana.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela