-
Deuteronoma 6:10-12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Ha Jehova Molimo oa lona a le tlisa naheng eo a hlapanyelitseng baholo-holo ba lona e leng Abrahama, Isaka le Jakobo hore o tla le fa eona+ e leng metse e meholo le e metle eo le sa kang la e haha,+ 11 matlo a tletseng lintho tsa mefuta eohle tse ntle tseo le sa kang la li sebeletsa, liliba tseo le sa kang la li cheka, lirapa tsa morara le lifate tsa mohloaare tseo le sa kang la li lema ’me le jele ebile le khotsofetse,+ 12 le itlhokomele hore le se ke la lebala Jehova+ ea le ntšitseng naheng ea Egepeta ka tlung ea bokhoba.
-
-
Deuteronoma 8:12-14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Ha le ja, le khotsofala ’me le haha matlo a matle ebile le lula ho ’ona,+ 13 mohlape oa lona oa likhomo le oa linku le lipoli o eketseha, le silevera le khauta tsa lona li eketseha ’me lintho tsohle tseo le nang le tsona li e-ba ngata, 14 le se ke la lumella lipelo tsa lona ho ikhohomosa+ eaba le lebala Jehova Molimo oa lona ea le ntšitseng naheng ea Egepeta, ka tlung ea bokhoba,+
-