Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 30:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Batho ba tsamaisang melaetsa ba isa mangolo a tsoang ho morena le likhosana tsa hae naheng eohle ea Iseraele le Juda joalokaha morena a ne a laetse a re: “Baiseraele, khutlelang ho Jehova Molimo oa Abrahama, Isaka le Iseraele e le hore a ka khutlela ho ba setseng, ba phonyohileng marena a Asiria.+

  • Esaia 55:6, 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Batlang Jehova ha a sa ntse a fumaneha.+

      Mo bitseng ha a sa ntse a le haufi.+

       7 Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae,+

      A tlohele ho nahana bokhopo.

      A ke a khutlele ho Jehova, ea tla mo hauhela,+

      A khutlele ho Molimo oa rona hobane o tla mo tšoarela ka pelo eohle.*+

  • Hosea 12:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 “Khutlela ho Molimo oa hao,+

      Lula u e-na le lerato* le toka.+

      U tšepe Molimo oa hao ka linako tsohle.

  • Joele 2:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Jehova o re: “Le sa na le nako ea ho khutlela ho ’na, le khutlele ho ’na ka lipelo tsohle,+

      Itimeng lijo,+ le lle, le bokolle.

      13 Le bontše hore le soabile ho tloha pelong,+ le se ke la tabola liaparo tsa lona feela,+

      Khutlelang ho Jehova Molimo oa lona

      Hobane o na le kutloelo-bohloko,* o mohau, o lieha ho halefa+ ’me o lerato,*+

      O tla fetola maikutlo a hae ebe ha a le tlisetse tlokotsi.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela