-
Levitike 26:5, 6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Nako ea lona ea ho pola e tla tsoela pele ho fihlela nako ea ho kotula morara e fihla. Nako ea ho kotula morara e tla tsoela pele ho fihlela nako ea ho jala e fihla. Le tla ja bohobe ba lona hore le khore ’me le tla lula le sireletsehile naheng ea lona.+ 6 Ke tla etsa hore ho be le khotso naheng ea lona+ ’me ha ho na motho ea tla le tšosa+ ha le robetse. Ke tla felisa liphoofolo tse hlaha tse kotsi ’me ha ho na motho ea tla le loantša.
-
-
Mikea 4:3, 4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
Ba tla etsa lisabole tsa bona mehoma,
Ba etse marumo a bona likere tse kutang limela.+
Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole,
Ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.+
4 E mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le sa feie.*+
Ha ho na motho ea tla ba tšosa+
Kaha Jehova oa mabotho o se a buile.
-