-
Deuteronoma 7:6-8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Le sechaba se halalelang ho Jehova Molimo oa lona ’me Jehova Molimo oa lona o khethile lona hore le be sechaba sa hae, thepa ea hae e khethehileng* har’a lichaba tsohle tse holim’a lefatše.+
7 Ha se hobane le le bangata ho feta lichaba tsohle Jehova a ileng a le rata ’me a le khetha+ kaha le ne le le sechaba se senyenyane har’a lichaba tsohle.+ 8 Ho e-na le hoo, Jehova o ile a le ntša ka letsoho le matla e le hore a le lopolle ntlong ea bokhoba,+ matleng* a Faro morena oa Egepeta hobane Jehova a le rata hape a phethile kano ea hae eo a e hlapanyelitseng baholo-holo ba lona.+
-