13 “Ha Efraime a bua, batho ba ne ba thothomela.
O ne a tumme Iseraele+
Empa o ile a ba molato ka lebaka la ho rapela Baale+ eaba oa shoa.
2 Ba etsa sebe le ho feta
Ka ho etsa litšoantšo ka silevera ea bona.+
Ba etsa melimo ea litšoantšo ka bohlale. Kaofela e entsoe ke litsebi tsa mesebetsi ea matsoho.
Ba re, ‘Batho ba etsang mahlabelo ba ke ba sune manamane.’+