Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 30:8, 9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Le se ke la ba manganga joaloka baholo-holo ba lona.+ Mamelang Jehova, le tle ntlong ea hae+ eo a e halalelitseng ka ho sa feleng, le sebeletse Jehova Molimo oa lona hore a khaotse ho le halefela.+ 9 Ha le ka khutlela ho Jehova, batho ba tšoereng bana ba bo lona le bana ba lona ba tla ba hauhela,+ ba ba lumelle ho khutlela naheng ena+ hobane Jehova Molimo oa lona o na le kutloelo-bohloko ebile o mohau.+ A ke ke a le furalla haeba le khutlela ho eena.”+

  • Jeremia 18:7, 8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Neng kapa neng ha nka bua ka ho fothola, ho liha le ho senya sechaba kapa ’muso+ 8 ebe sechaba seo se tlohela bokhopo ba sona boo ke buileng ka bona, ke tla fetola maikutlo* ka tlokotsi eo ke neng ke rerile ho se tlisetsa eona.+

  • Sofonia 2:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  2 Pele ho fanoa ka molao,

      Pele letsatsi leo le feta kapele joaloka litlhaka tse fefoloang ke moea,

      Pele Jehova a le tukela ka bohale,+

       3 Tloong ho Jehova+ lona bohle ba bonolo,*

      Ba mametseng melao ea hae e lokileng.

      Sebeletsang ho etsa lintho tse lokileng le hore le ikokobetse.*

      Mohlomong le ka pholoha letsatsing leo Jehova a halefileng ka lona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela