29 Hang-hang ka mor’a mahlomola a matsatsi ao, letsatsi le tla fifala,+ khoeli e ke ke ea khanya, linaleli li tla oa leholimong le lintho tse maholimong li tla sisinyeha.+
24 Empa ka mor’a mahlomola a matsatsi ao, letsatsi le tla fifala, khoeli e ke ke ea khanya,+25 linaleli li tla oa leholimong le lintho tse maholimong li sisinyehe.
25 Hape ho tla ba le lipontšo letsatsing, khoeling le linaleling.+ Lefatšeng lichaba li tla utloa bohloko haholo, li tsielehe ka lebaka la molumo oa maqhubu a leoatle a loebehlanang.
12 Ka bona Konyana e tlosa setempe sa botšelela. Ho ile ha e-ba le tšisinyeho e kholo ea lefatše, letsatsi la e-ba letšo joaloka lesela le letšo* le khoeli ea e-ba khubelu joaloka mali.+